feet

Kosepele ea Johanne

A True Story



Lentswe le entsweng nama.

1Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo. 2Le ne le le ho Modimo tshimolohong. 3Dintho tsohle di entswe ke lona, mme hara dintho tse leng teng, ha ho letho le entsweng kantle ho lona. 4Bophelo bo ne bo le ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho. 5Mme lesedi le kganya lefifing, mme lefifi ha le a ka la le amohela. 6Monna a hlaha, a romilwe ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne. 7Eo a tla ho ba paki, hore a pake tsa lesedi, bohle ba tle ba dumele ka yena. 8E ne e se yena lesedi, empa o ne a romilwe hore a tle ho paka tsa lesedi. 9E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng. 10Le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le hlahile ka lona, mme lefatshe ha le a ka la le tseba. 11Le ne le tle habo lona, mme ba habo lona ha ba ka ba le amohela. 12Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona; 13ba sa kang ba tswalwa ke madi, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tswetswe ke Modimo. 14Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate. 15Johanne o mo pakile; a phahamisa lentswe, a re: Ke yena eo ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o moholo ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna. 16Mme re amohetse bohle mohau hodima mohau, ho tletseng ho yena. 17Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste. 18Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.




Jesu o phahla barekisi tempeleng. — Tempele e tla tsoswa ka matsatsi a mararo.

13Paseka ya Bajuda e ne e le haufi; yaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14A fumana tempeleng batho ba bapatsang ka dikgomo le ka dinku le ka maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse teng. 15Hobane a etse phafa ya maratswana, a ba phahla kaofela tempeleng, le dinku le dikgomo; mme ditjhelete tsa ba ananyang a di tsholla, a rapalatsa le ditafole. 16A ba a re ho ba bapatsang ka maeba: Tlosang dintho tsena mona, mme ntlo ya Ntate le se ke la e etsa ntlo ya ho rekela. 17Jwale barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele. 18Yaba Bajuda ba bua, ba re ho yena: O ya re bontsha pontsho efe, haele moo o etsa tse jwalo? 19Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo. 20Yaba Bajuda ba re: Tempele ena e hahilwe ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o re, o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na? 21Athe yena o ne a bolela tempele ya mmele wa hae. 22Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a ba boleletse taba eo; mme ba dumela Lengolo, le taba e neng e boletswe ke Jesu. 23Yare a sa le Jerusalema, ka Paseka, mohla mokete, batho ba bangata ba dumela lebitso la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang. 24Empa Jesu yena o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a ba tseba kaofela, 25le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.



Puisano ya Jesu le Nikodema.

1Monna e mong wa bafarisi, e leng kgosana ya Bajuda, o ne a le teng, lebitso la hae e le Nikodema. 2A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena. 3Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo. 4Nikodema a re ho yena: Na motho a ka tswalwa jwang ha a se a tsofetse? Na a ka boela a kgutlela popelong ya mmae, a boela a tswalwa? 5Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo. 6Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya. 7Se makale, ha ke re ho wena: E ka kgona le tswalwe la bobedi. 8Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya. 9Nikodema a araba, a re ho yena: Tseo di ka etswa jwang na? 10Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo! 11Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona. 12Ekare ha ke le bolella tsa lefatshe, mme le sa dumele, na le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo? 13Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong. 14Mme jwalokaha Moshe a ne a fanyehe noha feelleng, Mora motho e ka kgona a fanyehwe jwalo; 15hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. 16Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. 17Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena. 18Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; empa ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane ha a ka a dumela lebitso la Mora Modimo ya tswetsweng a nnotshi. 19Mme kahlolo ke yona ena: Lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, kahobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe. 20Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa. 21Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.



Mosadi wa Samaria.

1Eitse ha Morena a tseba hobane bafarisi ba utlwile ha ho thwe: Jesu o fetisa Johanne ka ho etsa barutuwa le ka ho kolobetsa, — 2leha e ne e se yena Jesu ya kolobetsang, empa e le barutuwa ba hae, — 3a tloha Judea, mme a boela a ya Galelea. 4E ne e ka kgona a haole ka Samaria. 5Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae. 6Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela. 7Jwale mosadi e mong wa Samaria a tla kga metsi, Jesu a re ho yena: Mphe, ke nwe. 8Hobane barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo. 9Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria. 10Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang. 11Mosadi a re ho yena: Morena, ha o na sekgello sa ho kga, le sediba se sekoti; metsi ao a kollang o a nkile kae na? 12Na o moholo ho ntata rona Jakobo, ya re neileng sediba sena, a ba a nwa ho sona ka sebele sa hae, le bara ba hae, le dikgomo tsa hae? 13Jesu a mo araba, a re: E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla boela a nyorwe. 14Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng. 15Mosadi a re ho yena: Morena, mphe metsi ao, ke tle ke se hlole ke nyorwa, mme ke se hlole ke tla kga mona. 16Jesu a re ho yena: Ya bitsa monna wa hao, mme le tle kwano. 17Mosadi a araba, a re: Ha ke na monna. Jesu a re ho yena: O boletse hantle, ha o itse: Ha ke na monna. 18Hobane o kile wa ba le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena jwale hase monna wa hao; moo o boletse nnete. 19Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta. 20Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema. 21Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema. 22Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda. 23Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo. 24Modimo ke Moya: ba o rapelang e ka kgona ba rapele ka moya le ka nnete. 25Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle. 26Jesu a re ho yena: Ke nna, ya buang le wena. 27Yaba barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ka hoba a ne a bua le mosadi; leha ho le jwalo, ha ho a ka ha eba ya reng ho yena: O batlang? kapa: O buelang le yena? 28Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, a ya motseng, a re ho batho: 29Tloong, le bone motho ya mopleletseng tsohle tseo ke di entseng. Na e ke se be ke yena Kreste? 30Yaba ba tswa motseng, mme ba tla ho Jesu. 31Lekgatheng leo, barutuwa ba hae ba ne ba mo rapela, ba re: Rabbi, ako je. 32A re ho bona: Nna ke na le sejo seo ke se jang, seo lona le sa se tsebeng. 33Yaba barutuwa ba botsana, ba re: Hleka e mong o kile a mo tlisetsa dijo na? 34Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae. 35Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa. 36Ya kotulang o nka moputso, mme o bokellela bophelo bo sa feleng dijo, hore ya jalang a thabe hammoho le ya kotulang. 37Hobane ke moo ho netahalang polelo ena e reng: E mong o a jala, mme e mong o a kotula. 38Ke le romile ho kotula moo le sa kang la sebetsa teng; ba bang ba sebeditse, mme lona le keneletse mosebetsing wa bona. 39Basamaria ba bangata ba motse oo ba dumela ho yena, ka baka la polelo e boletsweng ke mosadi eo, ha a itse: O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng. 40Ka baka leo, eitse ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo rapela, ba re, a dule le bona; mme a hlola ditshiu di le pedi teng. 41Ha ba ha dumela ho yeua ka baka la polelo ya hae ba bangata ho fetisa ba pele. 42Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.



Jesu o fodisa motho letsheng la Bethesda. — Bajuda ba mo tsekisa.

1Kamora tseo, mokete o mong wa Bajuda wa eba teng; mme Jesu a nyolohela Jerusalema. 2Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong wa Dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu. 3Ho ne ho sekame ho yona bongata bo boholo jwa batho ba kulang, difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, [ba neng ba ntse ba lebeletse phuduo ya metsi. 4Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe]. 5Monna e mong o ne a le teng moo, ya kutseng ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi. 6Jesu ha a mmona a sekame, mme a tseba hobane e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: Na o rata ho fola na? 7Ya kulang a mo araba, a re: Morena, ha ke na motho ya nkenyang letsheng, ha metsi a sa tswa fuduwa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho nna. 8Jesu a re ho yena: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye. 9Monna eo a hla a fola hang, a nka diphate tsa hae, a tsamaya. 10Athe letsatsi leo ya be e le Sabatha. Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha, ha o a lokela ho jara diphate tsa hao. 11A ba araba, a re: Ya mphodisitseng ke yena ya itseng ho nna: Nka diphate tsa hao, o tsamaye. 12Ba mmotsa, ba re: Ke mang motho ya itseng ho wena: Nka diphate tsa hao, o tsamaye? 13Ya fodisitsweng o ne a sa mo tsebe hore ke mang; hobane Jesu o ne a nyametse hara bongata bo neng bo le moo. 14Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele. 15Monna eo a ya tsebisa Bajuda hobane ya mo fodisitseng ke Jesu. 16Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba rata ho mmolaya, kahobane a ne a etsa tse jwalo ka Sabatha. 17Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa sebetsa le jwale, le nna ke a sebetsa. 18Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo. 19Jesu a araba ke hona, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora o sitwa ho etsa letho a nnotshi, ha a sa ka a le bona le etswa ke Ntatae; hobane tsohle tse etswang ke Ntate, Mora o di etsa jwalo le yena. 20Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang; o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale. 21Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa. 22Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo yohle, 23hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng. 24Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong. 25Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela. 26Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le yena Mora hore a be le bophelo ka ho yena; 27o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le yena Mora motho. 28Se makaleng ke hoo; hobane nako e a tla eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae; 29mme ba tla tswa ho wona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, mme ba entseng hampe ba tsohele tsuo. 30Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng. 31Ekare ha ke ipaka, ho paka ha ka hase ha nnete. 32E mong o teng ya mpakang, mme ke tseba hobane bopaki boo a mpakang ka jona ke ba nnete. 33Lona le rometse ho Johanne, mme o pakile nnete. 34Haele nna, ha ke amohele bopaki ho motho, ke mpa ke bolela taba tsena hore le tle le bolokehe. 35Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae. 36Empa nna, ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne; hobane mesebetsi eo ke e neilweng ke Ntate hore ke e etse, yona mesebetsi eo ke e etsang, ke yona e mpakang hore Ntate o nthomile. 37Le yena Ntate ya nthomileng o a mpaka; ha le eso ho ka le utlwa lentswe la hae, mme ha le eso ho ka le bona sefahleho sa hae le ka mohla o le mong. 38Mme lentswe la hae ha le dule ho lona, hobane ha le dumele eo a mo romileng. 39Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang. 40Empa ha le rate ho tla ho nna le tle le be le bophelo. 41Ha ke amohele thoriso e tswang ho batho; 42empa ke a le tseba hobane lerato la Modimo ha le yo ho lona. 43Nna ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ekare ha e mong a etla ka lebitso leo e leng la hae, feela yena le tla mo amohela. 44Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela? 45Le se ke la lekanya ekaba ke nna ke tla le qosa pela Ntate; ya le qosang o teng, ke Moshe eo le mo tshepileng. 46Hola le dumela ho Moshe, le ho nna le ka be le dumela; hobane o ngodile taba tsa ka. 47Empa ekare ha le sa dumele mangolo a hae, le ka dumela mantswe a ka jwang?



Bohobe ba ho phela. — Barutuwa ba bang ba furalla Jesu. — Boipolelo ba Petrose.

22Ka hosasane, eitse ha bongata bo setseng mose wane wa lewatle bo lemoha hobane ho ne ho se sekepana moo, haese seo barutuwa ba hae ba keneng ho sona, le hobane Jesu a ne a sa ka a kena le barutuwa ba hae sekepaneng seo, barutuwa ba hae ba mpa ba ile ba nnotshi, 23empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe, 24jwale, bongata ha bo bona hobane Jesu le bona barutuwa ba hae ha ba sa le yo moo, ba kena le bona dikepaneng, ba ya Kapernauma, ba ntse ba batla Jesu. 25Eitse ha ba mo fumana mose wane wa lewatle, ba re ho yena: Rabbi, o tlile neng mona? 26Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora. 27Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng. 28Ba re ho yena: Re tla etsang hore re sebetse mesebetsi ya Modimo na? 29Jesu a ba araba, a re: Mosebetsi wa Modimo ke hoba le dumele ho eo o mo romileng. 30Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na? 31Bontata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba file bohobe bo tswang lehodimong, ba eja. 32Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong. 33Hobane bohobe ba Modimo ke bo theohileng lehodimong, bo neang lefatshe bophelo. 34Yaba ba re ho yena: Morena, re fe bohobe boo kamehla yohle. 35Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna a ke ke a lapa, mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong. 36Empa ke le boleletse hore le mpone, empa ha le dumele. 37Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna; mme ya tlang ho nna, nke ke ka mo lahlela ntle. 38Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng. 39Mme ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se lahle letho la tsohle tseo a nneileng tsona, ke mpe ke di tsose ka letsatsi la bofelo. 40Ho ratwang ke ya nthomileng ke hore, e mong le e mong ya tadimang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 41Yaba Bajuda ba mo seba ka hobane a kile a re: Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong. 42Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong? 43Empa Jesu a ba araba, a re: Le se ke la seba hammoho. 44Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa hulwe ke Ntate ya nthomileng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 45Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna. 46Hase hore motho o kile a bona Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate. 47Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng. 48Ke nna bohobe ba bophelo. 49Bontata lona ba jele manna feelleng, mme ba shwele. 50Ke bona bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa. 51Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela kamehla; mme bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea lefatshe, le tle le phele. 52Yaba Bajuda ba tsekisana hammoho, ba re: Na eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja? 53Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ya Mora motho, le sa nwe madi a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona. 54Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 55Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete. 56Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena. 57Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le yena ya jang nna o tla phela ka nna. 58Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng. 59A bolela taba tseo Kapernauma, a ntse a ruta sinagogeng. 60Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang? 61Yare ha Jesu a tseba ka ho yena hobane barutuwa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo ho a le kgopisa na? 62Ho tla ba jwang, ha le bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? 63Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo. 64Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka. 65A ba a re: Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa ho fuwe ke Ntate. 66Haesale mohlang oo, barutuwa ba bangata ba hae ba kgutlela morao, ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena. 67Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: Na le lona le rata ho ikela na? 68Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng. 69Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo! 70Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose! 71O ne a bolela Judase Iskariota, mora Simone; hobane ke yena ya neng a tla mo eka, e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.



Jesu o ruta ka tsa thomo ya hae.

12Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo. 13Empa bafarisi ba re ho yena: O a ipaka e le wena; bopaki ba hao hase ba nnete. 14Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; hobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng; empa lona, ha le tsebe moo ke tswang teng le moo ke yang teng. 15Le ahlola ka nama; nna ha ke ahlole motho. 16Mme leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete; hobane ha ke nnotshi, ke mpa ke na le Ntate ya nthomileng. 17Esita le molaong wa lona ho ngodilwe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete. 18Ke nna ke ipakang, mme Ntate ya nthomileng o a mpaka le yena. 19Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate. 20Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.



Jesu o fodisa motho ya tswetsweng e le sefofu.

1Eitse Jesu ha a feta, a bona monna esale a tswalwa a foufetse. 2Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Rabbi, ke mang ya sitilweng, kapa yena, kapa batswadi ba hae, haele moo a tswetswe a foufetse? 3Jesu a araba, a re: Ha ho a sitwa yena, leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahatswe ka yena. 4E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona. 5Ha ke sa le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe. 6Eitse hobane a bue jwalo, a tshwela mathe fatshe, a duba seretse ka mathe ao, mme a neta mahlo a sefofu ka seretse seo, 7a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona. 8Ba ahisaneng le yena, le ba neng ba mmone pele hore ke mokopi, ba re: Na enwa hase ya neng a dula a kopa na? 9Ba bang ba ne ba re: Ke yena. Ba bang ba ne ba re: O tshwana le yena. Empa yena a re: Ke nna. 10Yaba ba re ho yena: Mahlo a hao a tutubolohile ka mokgwa o jwang? 11A araba, a re: Motho ya bitswang Jesu o entse seretse, mme o nnetile mahlo ka sona, a ntoo re ho nna: Eya letsheng la Silowe, o iphotle. Ke ile, mme hobane ke iphotle, ka bona. 12Yaba ba re ho yena: Eo o kae? A re: Ha ke tsebe.



Modisa ya molemo.

7Jesu a boela a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ke nna monyako wa dinku. 8Bohle ba tlileng pele ho nna, e ne e le mashodu le dinokwane, empa dinku ha di a ka tsa ba utlwa. 9Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo. 10Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa. 11Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae. 12Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya. 13Ya ruilweng o a baleha, kahobane, e le ya ruilweng feela, mme ha a re letho ka dinku. 14Ke nna modisa ya molemo, ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba. 15Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate; mme ke beela dinku bophelo ba ka. 16Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong. 17Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke. 18Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate. 19Yaba phapang e boela e eba teng hara Bajuda ka baka la dipolelo tseo. 20Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na? 21Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?



Jesu o hlalosa tsa lefu la hae. — Ho se dumele ha Bajuda.

20Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela. 21Ba tla ho Filipi wa Bethsaida wa Galilea, ba mo kopa, ba re: Monghadi, re rata ho bona Jesu. 22Filipi a tla, a bolella Andrease, mme Andrease le Filipi ba bolella Jesu. 23Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile eo Mora motho a tla tlotliswa ka yona. 24Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata. 25Ya ratang bophelo ba hae, o tla lahlehelwa ke jona; empa ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng. 26Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.



Dikgothatso tsa Jesu tsa ho qetela. — Dipotso tsa Petrose, Thomase, Filipi le Judase, tseo ka baka la tsona Jesu a buileng tsa ho ratana, tsa ho tla ha Moya, le tsa kgotso ya hae.

31Yare ha Judase a tswile, Jesu a re: Jwale, Mora motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena. 32Mme ha Modimo o tlotlisitswe ka yena, Modimo o tla mo tlotlisa le yena ho wona, mme o tla phakisa o mo tlotlise. 33Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona. 34Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona. 35Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuwa ba ka ka sona, ke ha le ratana. 36Simone Petrose a re ho yena: Morena, o ya kae? Jesu a mo araba, a re: Moo ke yang teng, o ka sitwa ho ntatela jwale; empa hamorao o tla ntatela teng. 37Petrose a re ho yena: Morena, nka sitwa keng ho o latela jwale? Athe ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao. 38Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.



1Pelo tsa lona di se ferekane; dumelang ho Modimo, le ho nna le dumele. 2Meaho e mangata ka tlung ya Ntate; hojane ha ho jwalo, nka be ke le boleletse; ke ya ho le lokisetsa bodulo. 3Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng. 4Mme moo ke yang, le a tseba, le tsela le a e tseba. 5Thomase a re ho yena: Morena, ha re tsebe moo o yang; tsela re ka e tseba jwang na? 6Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna. 7Hoja le a ntseba, le ka be le tseba le Ntate; mme ho tloha jwale, le a mo tseba, le bile le mmone. 8Filipi a re ho yena: Morena, re bontshe Ntate, mme etlaba ho re lekane. 9Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate? 10Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang. 11Ntumeleng, hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho nna; ho se jwalo, ntumeleng ka baka la yona mesebetsi. 12Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate; 13mme tsohle tseo le tla di kopa ka lebitso la ka, ke tla di etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora. 14Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.


15Ekare ha le nthata, bolokang melao ya ka. 16Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng; 17ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona. 18Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona. 19Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela. 20Ka tsatsi leo, le tla tseba hobane nna ke ho Ntate, le lona le ho nna, le nna ke ho lona. 21Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena. 22Judase, e seng Iskariota, a re: Morena, ke kang ha o tla ipontsha rona, o sa ipontshe lefatshe? 23Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena. 24Ya sa nthateng, ha a boloke mantswe a ka; mme lentswe leo le le utlwang, hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng. 25Ke le boleletse taba tseo, ke sa dutse le lona; 26empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona. 27Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe. 28Le utlwile ha ke itse ho lona: Ke a ya, mme ke tla boela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ya ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho nna. 29Mme jwale ke le boleletse tsona di eso ho hlahe, hore mohla di hlahang, le tle le dumele. 30Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna. 31Empa hore lefatshe le tsebe hobane ke rata Ntate, le hoba ke etsa kamoo Ntate a ntaetseng kateng, emang, a re tloheng mona.



Sefate sa morara le makala a sona.

1Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate. 2Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha. 3Lona, le se le hlahotswe ka lentswe leo ke le boleletseng lona. 4Dulang ho nna, le nna ho lona. Jwaloka lekala ha le sitwa ho beha le nnotshi, ha le sa kgomarele sefate, ho jwalo le lona ha le sa nkgomarele. 5Ke nna sefate sa morara, mme lona le makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o beha haholo; hobane kantle ho nna le ka sitwa ho etsa letho. 6Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe. 7Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona. 8Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka. 9Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka. 10Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae. 11Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale. 12Molao wa ka ke hoba le ratane, jwalokaha ke le ratile. 13Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae. 14Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona. 15Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate. 16Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona. 17Ke le laela tseo, le tle le ratane.



Thapelo ya boprista.

1Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena; 2hobane o mo neile borena hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng. 3Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng. 4Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o neng o nneile wona hore ke o etse. 5Jwale, wena Ntate, o ntlotlise ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena, lefatshe le eso ho be teng. 6Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng; e ne e le ba hao, mme o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao. 7Ba tsebile jwale hobane tsohle tseo o nneileng tsona, di tswa ho wena. 8Hobane ke ba neile dipolelo tseo o nneileng tsona, mme ba di amohetse, mme ba tsebile kannete hobane ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore ke wena o nthomileng. 9Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao. 10Mme tsohle tsa ka ke tsa hao, mme tsa hao ke tsa ka; mme ke tlotliswa ka bona. 11Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba sa le lefatsheng; mme nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, boloka ka lebitso la hao bao o nneileng bona, ba tle ba be bang, jwaloka rona. 12Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale. 13Empa jwale, ke tla ho wena, mme ke bolela taba tsena ke sa le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka, mme e tlale ho bona. 14Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 15Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng. 16Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 17O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete. 18Jwalokaha o nthomile lefatsheng, le nna ke ba romile lefatsheng. 19Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete. 20Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba tlang ho dumela ho nna ka polelo ya bona, 21bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile. 22Kganya eo o nneileng yona, ke ba neile yona, ba tle ba be bang, jwalokaha rona re le bang; 23nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile. 24Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe. 25Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile; le bana ba tsebile hoba o nthomile. 26Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.



Jesu o a thakgiswa.

28Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe. 29Nkgo e tletseng asene e ne e le teng moo; ba tlatsa seponse ka asene, mme ba se thatela thupeng ya hisopa, ba se isa molomong wa hae. 30Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya. 31Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo. 32Yaba bahlabani ba tla, ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong ya thakgisitsweng le yena. 33Eitse ha ba etla ho Jesu, hobane ba bone hore o se a shwele, ba se ke ba mo roba meomo. 34Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona. 35Ya boneng o pakile; bopaki ba hae ke ba nnete; o tseba hobane o bolela nnete, hore le lona le tle le dumele. 36Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa. 37Hape, lengolo le leng le re: Ba tla bona eo ba mo hlabileng.



Tsoho ya Jesu.

19Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona! 20Yare hobane a bue jwalo, a ba bontsha matsoho le lehlakore la hae. Yaba barutuwa ba thaba, ha ba bona Morena. 21Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo. 22Eitse hobane a bue jwalo, a budulela ho bona, a re: Amohelang Moya o Halalelang! 23Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.